Phuputso ya SCORPIO-PEP ke eng?

Ho sa natswe boiteko bo akaretsang lefatshe lohle ba kentelo ya vaksine ya COVID-19, mefuta e fapaneng ya SARS-CoV-2 e hlahile. Dibopeho tsena tse ntjha tsa vaerase di ka jaleha ha bonolo ho feta mme tsa fokotsa tshireletso ya vaksine. Ho na le monyetla wa kotsi wa lefu le mahlonoko, kamohelo sepetlele, le ho shwa bathong ba fumaneng kentelo ya vaksine ba nang le bokudi bo se ntse bo le teng. Dikalafo tse ntjha di a hlokeha ho thibela ho jaleha ha COVID-19.

Phuputso ya SCORPIO-PEP e etsetswa ho ithuta hore na moriana o fuputswang, S-217622, o ka thibela COVID-19 bathong ba bileng le kgahlamelo ya yona.

Ho utlwisisa phuputso ya SCORPIO-PEP

Boha vidio ena ho ithuta haholwanyane mabapi le phuputso ya SCORPIO-PEP

Ho Utlwisisa Diteko tsa Moriana

Diphuputso tsa moriana ke mefuta ya diphuputso tse etswang ho ithuta ka moo mmele wa motho o arabelang kalafo le hore na kalafo e a sebetsa bakeng sa lefu le itseng kapa bokudi. Boha vidio ena ho ithuta haholwanyane mabapi le diteko tsa moriana le ka moo di sebetsang ka teng.

Boha vidio

Ke mang ya ka nkang karolo?

Ho na le mefuta e mmedi ya batho ba ka kenelang phuputso ena.

Bankakarolo

ke:

Icon of a large purple 12 with an orange circle around it, Age Requirement

Ba le dilemo di 12 kapa ho feta.

Icon of a Covid-19 virus in a purple and orange gradient, Negative Covid-19 Test

Ba bile le sephetho sa teko se sa fumanang tshwaetso ya COVID-19

Icon of a purple house with an orange door and window, Agree to join within 72 hours of Covid-19 symptoms

Ba dumetse ho kenela phuputso nakong ya dihora tse 72 kamora ho qala ha matshwao a ho kula a COVID-19 mokuding wa indekse

Icon of a piece of paper with lines on it represents an eDiary; Complete daily eDairy entries

Ba ikemiseditseng ho tlatsa dayari ya mokudi

Bakudi ba indekse

ke:

Two icons of people represent children and adults are able to be index patients for the Scorpio-Pep Study

Bana e leng bana kapa batho ba baholo ba dilemo dife kapa dife

Icon of a purple house with an orange door and window, Agree to join within 72 hours of Covid-19 symptoms

Bao e bileng motho wa pele ka tlung ho fumana sephetho sa teko se fumaneng tshwaetso ya COVID-19

Icon of a Covid-19 virus in a purple and orange gradient, Positive Covid-19 Test 72 hours or less after randomization

Ba fumaneng teko e fumaneng tshwaetso ya COVID-19 nakong ya dihora tse 72 kapa ka tlase kamora kabo ya lotho ya monkakarolo.

Icon of a purple and orange clock, 1 Covid-19 symptom within 24 hours of consent or assent

Ba nang le bonyane letshwao la ho kula le 1 la COVID-19 nakong ya dihora tse 24 kamora ho fana ka tumello/tumelo.

Fumana setsi sa phuputso

Kalafo ya thibelo ke eng?

Kalafo ya thibelo e fuputswang ya S-217622. S-217622 ke kalafo e nowang matsatsi a 5 ka kotloloho.

Ha ho kalafo ya thibelo e tla fanwa bakeng sa bakudi ba indekse.

Ho tla ba le dihlopha tsa kalafo tse pedi bakeng sa bankakarolo ba phuputsong ya SCORPIO- PEP.

Illustration of a purple hand holding an orange pill, Group 1, S-217622

Sehlopha sa 1: S-217622

Illustration of a purple hand holding an orange pill, Group 2, Placebo, no active ingredient

Sehlopha sa 2: Sekamoriana

(ha ho setswakwa se sebetsang)

Fumana setsi sa phuputso

Ho etsahala eng nakong ya phuputso?

Bakeng sa bakudi ba indekse, nako ya phuputso ke bonyane letsatsi le 1 le matsatsi a sa feteng 3.

Bakeng sa bankakarolo, phuputso e bopilwe ka dikarolo tse 3: tlhahlobelo, kalafo, le tshalomorao.

Botelele ba phuputso ke matsatsi a 28 ka diketelo tse 7 kapa 8.

Nako ya tlhahlobelo

Letsatsi la 1
ketelo e 1

O tla fuwa foromo e nang le tlhahisoleseding yohle e mabapi le phuputso. Ka kopo botsa ngaka kapa basebetsi ba phuputso mabapi le eng kapa eng eo o sa e utlwisiseng kapa eo o batlang hore e hlaloswe haholwanyane. Haeba wena/ngwana wa hao le batla ho kenela phuputso, o tla kotjwa ho saena le ho ngola mohla Foromong ya Tumello e Bontshang Kutlwisiso pele diteko kapa mekgwatshebetso efe kapa efe e etswa. Bana ba baholwanyane ba tla saena le ho ngola mohla Foromong ya Tumelo e Bontshang Kutlwisiso. Ditlhahlobo tsa bophelo bo botle di tla etswa ho bona haeba phuputso e loketse wena/ngwana wa hao.

Nako ya kalafo

Matsatsi a 1 ho fihla ho 5
ketelo e 1

Haeba phuputso e loketse wena/ngwana wa hao, kalafo ya thibelo e tla qala. Tekanyetso ya pele ya kalafo ya thibelo e tla nowa setsing sa phuputso ka Letsatsi la 1. Ditekanyetso tsohle tse ding di tla nowa lapeng.

Bankakarolo ba tla kotjwa hore ba rekote matshwao a ho kula a bona a COVID-19 dayaring habedi ka letsatsi ho fihla Letsatsing la 28. Dayari e tla tlatswa ka dinako tse batlang di tshwana letsatsi le leng le le leng.

Nako ya Tshalomorao

Matsatsi a 6 ho fihla ho 28
diketelo tse 5

Nakong ya tshalomorao ho tla ba le ditlhahlobo tsa bophelo bo botle tsa tlatsetso ho beha leihlo polokeho ya hao.

Dipotso tse Botswang Kgafetsa

Ke mefuta efe ya diteko le ditlhahlobo tsa bophelo tseo nka di lebellang?

Ha se teko e nngwe le e nngwe e tla etswa ketelong e nngwe le e nngwe.

Na o lokile ho ka qala?

Sheba hore na o ka tshwaneleha bakeng sa phuputso ya SCORPIO-PEP kapa fumana setsi se haufi le wena.

Fumana setsi sa phuputso

Fumana setsi sa phuputso

E bontsha 0 Results Near You