Di-FAQ

Phuputso e telele bo bokae?

Bakeng sa bakudi ba indekse, phuputso e tla ba bonyane letsatsi le 1 mme e se fete matsatsi a 3. Letsatsi la 3 ke ketelo ya boikgethelo bakeng sa pokeletso ya swabo ya kgwatho ya ka nkong le ho rekotwa ha matshwao a ho kula. Botelele ba nako ya kalafo ya phuputso e tla ba matsatsi a fihlang ho 5, le tshalomorao ho tloha Matsatsing a 6 ho isa ho 28 bakeng sa bankakarolo.

Phuputso ya SCORPIO‑PEP e tshepile ho ithuta eng?

Phuputso ya SCORPIO-PEP e entswe ho ithuta hore na moriana o fuputswang, S-217622, o ka thibela
COVID-19 ho batho ba pepesesehileng ho yona. Phuputso e tla bapisa palo ya bankakarolo ba
tshwaeditsweng ke SARS-CoV-2 (vaerase e bakang COVID-19) le matshwao a ho kula ha o ntse o nwa
dipidisi tsa S-217622 papisong le ba nwang dipidisi tsa sekamoriana.

Kalafo ya thibelo ke eng?

Kalafo ya thibelo e fuputswang ya S-217622. S-217622 ke kalafo e nowang matsatsi a 5 ka kotloloho.

Ho nahanwa hore kalafo ya thibelo e sebetsa jwang?

S-217622 ke SARS-CoV-2 protease inhibitor. Di-protease inhibitor ke meriana e sebetsang ka ho sitisa dienzaeme tse arohanyang diprotheine tse bohlokwa bakeng sa lebidi la bophelo la vaerase. Di-protease inhibitor di sebediswa ka pharallo ho alafa divaerase tse ding tse jwalo ka HIV/AIDS le hepatitis C.

Ke mang ya ka kenelang phuputso?

Ho na le mefuta e mmedi ya batho ba ka kenelang phuputso ena. Batho ba dilemo tse 12 le ho feta ba dulang lapeng le le leng le motho ya nang le COVID-19 (empa ba sa ntse ba na le sephetho se reng ha ba na COVID-19) le bana kapa batho ba baholo ba dilemo dife kapa dife ba nang le COVID-19 e bontshang matshwao a ho kula ba fumaneng sephetho sa teko se reng ba na le tshwaetso.

Haeba nka kenela phuputso ebe eba ke fetola monahano wa ka teng?

Bonkakarolo phuputsong bo etswa ka boithaopo bo phethahetseng mme o ka tswa phuputsong ka nako efe kapa efe.

Ke hobaneng re hloka dikalafo tse ntjha ho thibela COVID-19 haeba re se ntse re na le divaksine?

Ho sa natswe boiteko bo akaretsang lefatshe lohle ba kentelo ya vaksine ya COVID-19, mefuta e fapaneng ya SARS-CoV-2 e hlahile. Dibopeho tsena tse ntjha tsa vaerase di ka jaleha ha bonolo ho feta mme tsa fokotsa tshireletso ya vaksine. Ho na le monyetla wa kotsi wa lefu le mahlonoko, kamohelo sepetlele, le ho shwa bathong ba fumaneng kentelo ya vaksine ba nang le bokudi bo se ntse bo le teng. Dikalafo tse ntjha di a hlokeha ho thibela ho jaleha ha COVID-19.

Datha ya ka ya botho e sireletswa jwang?

Batho bohle ba tekong ba tla abelwa nomoro ya setsebahatsi e kgethehileng ke motshehetsi, Shionogi. Direkoto dife kapa dife kapa didathasete di tla ba feela le nomoro mme e seng lebitso la monkakarolo kapa tlhahisoleseding e nngwe e mo tsebahatsang.

Ke tla kgona jwang ho fumana diphetho tsa phuputso ee?

Diphetho tsa phuputso ena di tla phatlalatswa webosaeteng ya US National Institutes of Health ya www.ClinicalTrials.gov. Diphetho tsa phuputso ena di ka nna tsa phatlalatswa kapa tsa tekwa dikopanong tsa saense.